close
Jump to content

Shaka

E tswa ho Wikipedia
Shaka
BERJAYA
Mosebetsi: Morena
Okupeso: {{{Okupeso}}}
Naha: Afrika Borwa
Letsatsi la tswalo: 1787
Sebaka sa tswalo: Natal, Afrika Borwa
Letsatsi laho hlokahala: 22 Loetse 1828
Sebakeng saho hlokahalla: KwaDukuza, KwaZulu-Natal


Shaka wa Senzakakhona aneng atsebahala ka lebitso la Shaka zulu,enele emong wa marena amaholo setjhabeng sa Mazulu.

Morena Shaka o hlahile ka kgweya ya Ntulikazi (Phupu) ka 1787, Mthonjaneni, Profinseng ya KwaZulu-Natala, Afrika Borwa. Mora wa Zulu Morena Senzangakhona kaJama, o ile a nyatsuwa jwalo ka mora wa matsheo. Shaka o qetile karolo e nngwe ya bongwaneng ba hae libakeng tsa bodulo tsa Mme wa hae, moo a ileng a kenngwa mokhatlong wa ibutho lempi (sehlopha sa ntwa), a sebetsa e le mohlabani tlasa Inkosi Dingiswayo.[1]

Morena Shaka o ntlafalitse tsamaiso ea sesole sa ibutho ka tshehetso ya Morena Mthethwa pusong ya dilemong tse mmalwa tse latelang. O ile a etsa dilekane le baahisani ba hae ba banyenyane ho lwantsha ditlhaselo tsa Ndwandwe tse tsoang leboya. Mehato ya pele ya Mazulu e ne e le ya tshireletso, kaha Morena Shaka a ne a kgetha ho sebedisa kgatello ea dipolotiki, ka nako le nako a bolaea ka leano. Dintlafatso tsa hae tsa setjhaba sa lehae di hahilwe hodima meaho e teng. Le hoja a ne a kgetha mekgwa ya dipolotiki ya setjhaba le ea mashano, o ile a boela a kenella dintweng tse mmalwa.

Puso ea Morena Shaka e tsamaellana le ho qaleha ha Mfecane/Difaqane ("upheaval" kapa "crushing"), nako ea ntoa e senyehileng le merusu Afrika e ka borwa pakeng tsa 1815 le 1840 e ileng ya fedisa sebaka seo. Seabo sa hae ho Mfecane/Difaqane se na le dikgang. Ka 1828, o ile a bolaoa ke bo-abuti ba hae, Morena Dingane le Khosana Mhlangana le Mbopha kaSithayi.

Bophelo ba bonyaneng

[fetola | fetola mohloli]

Shaka (e fetoletsweng e le "kgukgwane ya mala") o tswetswe ke morena ya busang wa Mazulu. E ne e le letsibolo hara bara ba bangata, empa o ne a nkwa e le ngoana wa senyatsi ’me a iswa ho ya dula le morabe wa mmae, o tsejwang ka hore ke wa Elangeni, a siya moenae ka motswadi e mong hore a buse Mmusong wa Mazulu. Ka nako eo, Mazulu e ne e le morabe oa sebaka seo o itshetlehileng ka mehlape, mabele le lebese.[2] Ha Shaka a fihla dilemong tse loketseng, yena le mmae ba ile ba romelwa lelokong la Mthethwa, e leng morabe o matla ka ho fetisisa wa lebatowa. Ke moo a ileng a hola, mme a sebeletsa e le mohlabani tlasa Jobe, mme a sebeletsa Dingiswayo, mohlabani ya hlomphuwang le morena wa leloko. Eitse ha Morena Dingiswayo a sibolla hore Shaka e ne e le morena, o ile a mo beha hore a okamele sehlopha sa sesole, a thusa ho ntlafatsa maqheka le leano la sesole la Shaka.[3]

Kamora hore Inkosi Zwide, morena wa setjhaba sa Ndwandwe (Nxumalo) a bolaye Dingiswayo, Shaka o ile a batla ho phetetsa lefu la hae. Nakong eo ya kopano, mme wa Zwide, Ntombazi, sangoma, o ile a bolawa ke Shaka. Shaka o ile a kgetha boiphetetso bo sehloho ka ho kgetheha ho yena ka ho mo kwalla ka tlung e nang le diphokojwe kapa mafiritshwane ka hare. Ba mo metsa, mme hoseng, Shaka a tjhesa ntlo le fatshe. Shaka o ile a tswela pele ho lelekisa Zwide. E bile ka 1825 moo baetapele ba babedi ba sesole ba ileng ba kopana tikolohong ya Pongola, haufi le moedi wa kajeno wa Mpumalanga, profinse ya Afrika Borwa. Shaka o ile a hlola ntweng, le hoja mabotho a hae a ile a tsoa likotsi tse ngata, ho akarelletsa le molaodi wa sesole, Mgobhozi Ovela Entabeni.[4]

  1. http://www.bulawayo1872.com/history/tshaka.htm
  2. https://www.cambridge.org/core/journals/history-in-africa/article/abs/life-story-of-king-shaka-and-gender-tensions-in-the-zulu-state/B004741E8D6F1C6BE8BBD6E5B87C5D0E
  3. https://apps.dtic.mil/sti/pdfs/ADA612214.pdf
  4. https://www.cambridge.org/core/books/creation-of-the-zulu-kingdom-18151828/B8D56BDA08FFB09833820A6F256538B6